Molaetsa wa Gosepele
– Ako bale se latelang:
Gen. 1:1 | Tshimolohong, Modimo o ne a hlole mahodimo le lefatshe. |
Bar. 3:23 | hobane bohle ba sitilwe,mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo. |
Joh. 8:34 | Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong le e mong ya etsang sebe, ke mohlanka wa sebe. |
Modimo o re bopile empa ha re Mo tsebe mme re arohantswe le Yena ke tlhaho ya rona e silafetseng. Bophelo ba rona kantle ho Modimo ha bo na moelelo le sepheo. Ditlamorao (tefo e lokelang ho lefshwa) tsa sebe sa rona ke lefu, bobedi moya le mmele. Lefu la moya le bolela ho arohanngwa le Modimo. Ho shwa ha mmele ke ho bola ha mmele. Haeba re shwella sebeng re tla arohanngwa le Modimo ka ho sa feleng mme re ye diheleng. Re ka ipholosa jwang dibeng tsa rona le ho kgutlela ho Modimo? Re keke ra ipholosa hobane ha ho bonolo ho moetsadibe ho ipholosa (jwaloka motho a nwelang (nkwang ke metsi) a sitwa ho ipholosa). Le ba bang ba keke ba re pholosa hobane kaofela ha rona re baetsadibe (ya nkwang ke metsi a keke a pholosa e mong ya nwelang, bobedi ba hloka thuso). Re hloka e mong ya hlokang sebe (ya sa nweleng) ho re pholosa dibeng tsa rona. Ho fumanwa jwang mohlokakodi lefaatsheng le tletseng sebe moo bohle ba entseng sebe?
Bar. 6:23 | Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona. |
Joh. 3:16 | Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. |
Mat. 1:23 | Bonang, Morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke hore, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona. |
Joh. 8:23 | A mpa a re ho bona: Lona, le ba tlase. nna, ke wa hodimo; lona, le ba lefatshe lena, nna, ha ke wa lefatshe lena. |
Mark 1:11 | Mme lentswe le tswang mahodimong la utlwahala, la re: Ke wena Mora wa ka, ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena. |
Joh. 8:36 | Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele. |
Joh. 3:3 | Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo. |
Joh. 1:12 | Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona; |
Modimo, o re bopileng mme o re ratang haholo, o re file tharollo. Ka lerato le leholo la Hae ho rona O rometse mora Hae, Jeso, ho shwela dibe tsa rona. Jeso o hloka sebe hobane ha se wa lefaatshe, mme, ha a le lefaatsheng, a hlola moleko wa satane hore a etse sebe. Bophelo ba hae ba thabisa Modimo lehodimong. Jeso a nka dibe tsa rona mme a shwa sefapanong ka lebaka la dibe tsa rona. Ke mopholosi wa bophelo ba rona (Jeso a ka re pholosa hobane O ne a sa nwele). Sepheo sa Jeso ya shwang sefapanong ke ho lefa bakeng sa dibe tsa rona, ka hona, a tlosa dibe tsa rona ho rona mme a tsosolosa kamano ya rona le Modimo. Kamano ena e ntjha e bitswa ho tswalwa hape. Hona ho re busetsa sepheong sa popo ya rona le ho phela mme, ho re fa hoo e leng moelelo le sepheo sa ho phela.
Joh. 11:25 | Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela. |
Bar. 6:9 | re tswe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a eshwa; lefu ha le sa na matla ho yena. |
Dik. 2:24 | Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri. |
Bar. 14:9 | Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke hore, e be yena ya busang bafu le ba phelang. |
Dik. 1:11 | ba re: Banna ba Galilea, le ntse le emetseng, le lelaletse lehodimong? Jesu eo ya nketsweng lehodimong a le hara lona, o tla be a tle ka mokgwa oo le mmoneng a eya lehodimong ka wona. |
Ke eng e pakang hore sehlabelo sa Jeso ya shwelang dibe tsa rona se ananetswe ke Modimo lehodimong? Bopaki bo tsosong ya Jeso bafung ke Modimo. Ka tsoho, ho a pakeha hore Jeso o hlotse lefu (kapa, ka mantswe a mang, lefu ha le na matla hodima Hae). Jwale, he, hobane Jeso a phela, re ka phela le rona. Ho phela ha hae ka ho rona ho re fa bophelo. Hape, hobane O tsohile, O a phela le kajeno.
Joh. 5:24 | Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong. |
Joh. 10:9 | Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna,o tla bolokeha; o tla nne a kene, a nne a tswe, a bone makgulo. |
Joh. 14:6 | Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna. |
Joh. 8:24 | Ke ka baka leo, ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona. |
Dik. 4:12 | Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona. |
Bar. 10:13 | Hobane mang le mang ya rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha. |
Bar. 10:11 | Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba. |
Bar. 2:11 | Hobane Modimo ha o ye ka tshobotsi ya motho. |
Bar. 3:22 | eleng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo; |
Bar. 10:9 | e reng: Ekare ha o bolela ka molomo wa hao hobane Jesu ke Morena, mme o dumela pelong ya hao hobane Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha. |
Dibe tsa rona di ka tloswa jwang le hore re fumane bophelo boo bo botjha? Ka ho dumela ho Jeso ele Morena le Mopholosi. Ha re bakela ditsela tsa rona tsa sebe mme re kopa Jeso ho re tshwarela le ho re pholosa, O tla etsa jwalo. Jeso ke Mora Modimo ya tlileng lefaatsheng ho tla shwela dibe tsa rona. Mang kapa mang lefaatsheng ba behang tshepo ya bona ho Yena ba tla fumana tshwarelo ho Modimo, ba pholoswe dibeng tsa bona (le dihele) mme ba fumane bophelo bo botjha ho Modimo. Modimo ha a bontshe kgethollo. Ha a angwe ke – naha eo re phelang ho yona, puo eo re e buang, borui kapa bofutsana, botona kapa botshehadi, botjha kapa botsofadi, kapa eng kapa eng ya phapang tse teng. E mong le e mong ya dumelang le ho ipolela Jeso o tla mo pholosa. Ho latelang ke thapelo eo o ka e rapelang haeba o kgetha ho latela Jeso:
Modimo o lehodimong, ke a o leboha ka ho romela Mora wa Hao ya Mong, Jeso, ho shwela dibe tsa ka le hore ke pholoswe le ho ba le bophelo bo botjha ho tswa lehodimong. Ke bakela ditsela tsa ka le ho kopa tshwarelo ya dibe tsa ka. Ke dumela ho Jeso le ho amohela Jeso ele Morena le Mopholosi wa ka. Nthuse le ho ntataisetsa ho phela bophelo bo O thabisang bophelong bona bo botjha boo O mphang bona. Amen
Haeba o entse thapelo e kahodimo, kopa Modimo ho o bontsha kereke eo o ka e kenang. Bua le Modimo ka thapelo kgafetsa mme Modimo o tla bua le wena. Mamela lentswe la Modimo. Modimo o tla o tataisa. O a o rata mme o tla O hlokomela. O ka mo tshepa. Ha a ke a swetsa ba Mo tshepang. A ka tshepjwa. O ka ipeha ho Yena bakeng sa bophelo ba hao. Tlisa ditlhoko tsa hao kapela Hae. O a o kgathalla mme o tla o hlohonolofatsa. Modimo o itse, ‘Nkeke ka o lahla’. Tshepa Modimo. Hlohonolofatseha ka Jeso.
Bala bebele kgafetsa, ho tloha ka buka ya Johanne. Bakeng sa mehlodi e meng ya inthanete, tobetsa mona.